Sechaba, bahlanka le likereke ba rapela hammoho, Mokhotlong

Sechaba sa Mokhotlong, bahlanka ba ’muso, likereke tse fapakaneng le mafapha a ikemetseng, se ile sa khobokana lebaleng la lipitso ka Laborao lena, ka sepheo sa ho rapella khotso ka har’a naha, likotsi tsa mebileng le hore bahlanka ba sokolohe, ba sebeletse sechaba hantle.

’Musi oa Setereke seo monghali Serame Linake, o re khoeheletso e bile e atlehileng kaha mafapha ohle a neng a menngoe a iponahalitse,’me ba lebeletse ka tšepo hore thapelo eo, e tla tlisa phetoho mafapheng a seng a boletsoe

Monna o leboha MoAfrika FM le bohle ba kentseng letsoho ho fumana koloi e neng e nkiloe ke metsi, haufi le Phuthiatsana, Semphetenyane

Moahi oa Ha-Mabote, Berea, o re o leboha Moafrika FM le bohle ba kentseng letsoho hore a qetelle a fumane koloi ea hae e neng e ile ea hoholoa ke metsi nokeng ea Phuthiatsana, haufi le Semphethenyane, Maseru, ka Labobeli lena.

Monghali Masithela Poloko, o re koloi e ile ea fumanoa hona ka nokeng eo, e tetebetse lehlabatheng, tlasana ho noka, e se e senyehile fensetere le mabili.

Sena se latela hore monghali Poloko a eme holim’a qhooa ena a kopa ho batlisoa koloi ea hae e ileng ea nkoa ke metsi, a leka ho balehisetsa pompi ea hae ea meroho le poone, noka e neng e bonahala e kanna ea nyolla mothamo oa metsi, athe noka, e tla mo khaoletsa, e nke koloi, e tsetele pompi har’a lehlabathe, eena a pholoha ka lehlohonolo la mo-teha-phala.

Ngoananyana o fumana thuso ea lepelabasali

Letšolong la lona la ho thusa batho ba fokolang le ba se nang mang oee, lepelelabasali ba Lesotho, le nkile ngoananyana ea neng a se a phela ka sono le ntat’ae-moholo, ka mor’a hore ’m’ae a mo ptjatlanye, a ee Khauteng, moo ho thoeng o tlola meqomo.

Dr. ’Maesaea Thabane, o re o thusa ngoananyana eo ea lilemo li ’ne, ka bo-eena, e seng ka ofisi ea lepelabasali,’me o phela le eena ka tsela e kang hoja ke ngoana oa hae, empa ha a mo hapa.

Dr. ’Maesaea o re o ile a kopana le ngoana eo, moketjaneng oa thabo, oo a neng a o etselitse bana, mathoasong a khoeli e holimo, moo a tsebileng ho kopana le ntate moholo oa ngoananyana ka le reng a mo lumelle hore a mo holise.

Mohlomphehi Mohlophisi e Moholo o lebohela Moafrika ka mpho e tsoang ho lepelabasali

Mohlomphehi Mohlophisi e Moholo o re o lebohela Qhooa ena ka mpho e tsoang lapeng la Lepelabasali Moafrika FM, e filoeng bosebeletsi ba eona hore bo keteke keresemese ea monongoaha hamonate.

O re o se a bile a sa tsebe hore a lebohe ka mokhoa ofe ho latela lintle tsee Dr. ’Maesaea Thabane, a atisang ho li etsetsa qhooa ena.

Dr. ’Maesaea a bua le Lehakoe la Litaba o itse sena o se etsa e le e mong oa Basotho ba tsebang molemo oa Moafrika, bosebeletsing ba sechaba naheng ena, bo etsoang ka boitebalo, bo sa khetholle motho ka tumelo, polotiki kapa maemo a hae.

Bamameli ba Lenaneo la lipapali, ba itse Mohapi a tlohelle ho sebetsa litaba ka khalefo

Mongoli-kakaretso oa LeFA, monghali Mokhosi Mohapi, o re sehlopha sa Mozamane FC, se lokise liphoso tsa sona se latele melaoana ea ngoliso ea FIFA, e reng ho bapalisoe bana ba lilemo tse ka tlase ho mashome a mabeli,’me Mozamane e tlaitse thifa ka ho se sebelise libapali tse hlokoang, ebile e bapalisa tse robong ha li lokela hoba leshome le motso o mong.

Mohapi o re mongoli oa sehlopha o fumane melaetsa e mo eletsang ho lokisa liphoso tse hloauoang ngolisong ea libapali tsa sona, empa puisano eo ea qetella ka mahlapa puisanong ea hae le Motlatsi Maboko, ee itseng ha a botsoa ka oona a re a ka se bue letho ka oona lenaneong la Lipapali ho Moafrika Fm.

Ho sa le joalo, motlatsi oa mongoli oa sehlopha, monghali Lepota Naatsoane, o re ba ngolisitse libapali pele ho nako ea ho koala, ka marang-rang, litaba li ne li sallane le LeFA ho netefatsa ngoliso, ha e le melaetsa e boleloang ke Mohapi, ha ba e fumana.

Lepota o re ba ile makhetlo a fetang bonngoe Bambatha, ho lata likarete tsa libapali,’me ho ntse ho se nko ho tsoa lemina, feela mosebeletsi oa LeFa a itse li teng.

Motlatsi oa Mookameli oa Sehlopha, monghali Motlatsi Maboko, o tiisitse taba ea mahlapa puisanong ea hae le Mokhosi Mohapi, ’me o sa lebeletse komiti ea ADMACO ho hlophisa khatiso ea bona, pele e kena litabeng tseo.

Bamameli ba Lenaneo la lipapali, ba itse Mohapi a tlohelle ho sebetsa litaba ka khalefo, kaha seo se ts’abisa botsamaisi ba lihlopha ho mo atamela, ho otlolla moo ho nang le bothata.

Koloi e hoholoa ke noka ea Phuthiatsana, haufi le Semphetenyane

Monna oa Ha-Mabote, Berea, o re koloi ea hae ea vene, e nkiloe ke metsi nokeng ea Phuthiatsana haufi le motse oa Semphethenyane, Maseru, nakong eo a neng a ilo nyolla pompi hore metsi a se ke a e fumana ka moo, ka ’Mantaha ona.

Monghali Masithela Poloko, o re sena se latela hore a hokelle pompi le koloi, a e hulela sebakeng se bolokehileng, a nto e hakolla, a leka ho nyolla koloi ka nokeng, empa a hloleha, ka baka la matla a pula.

O re ka baka la hore koloi e ne e eme moepeng, e ile ea hoholoa ke oona metsi a ileng a kena ka matla, ’me e ile le litokomane tsohle tsa hae tsa bohlokoa, ha e le pompi e koahetsoe ke lehlabathe.

O re koloi ke vene ea Isuzu ea 4×4 e tšoeu ka ’mala, ea linomoro tsa M0976, ha e ba le eona esale teng.

Moimana ea lulang Ha-Seoli, Maseru, o tokhotsoa ka kharafu ke sepolesa sa Ha-Thamae, ka le reng o qhalile kemaro

Lesotho Mounted Police Services
Picture courtesy of Lesotho Times

Mosali ea lulang Ha-Seoli, Maseru, o re mapolesa a Ha-Thamae, a ile mo tokhotsa ka kharafu le phafa ea polasitiki ka pelaello ea hore o qhalile kemaro, bosiung ba Labohlano le fetileng.

Bokang Rapotsane o re sena se latela hore ha hae ho fihle mahokela a motse oo, a re ke ’melaelloa oa taba e etsahetseng letšehareng la letsatsi leo, le hoja, a ne a sa ’molelle hoo e leng hona, a mo isa moreneng.

O re ha ho fihloa moreneng mahokela a tlaleha hore o ntšitse mpa ea likhoeli tse tharo, ke moo a ileng a mo hlahloba botenng ba morena, empa a seke a fumana letho ha ese lebese le tsoileng matsoeleng.

O re mapolesa a Lithoteng a ile a fihla le oona a mo hlahloba, a fumana hore bokhachane bo ntse bo le teng, empa lehokela le leng le mohlokomeli oa malaene, ba a ema le oona thokoana, ba itšeba.

Bokang o re qetellong o ile a laeloa ho kena koloing ea mapolesa, a ea ka eena sepoleseng sa Ha-Thamae, moo a ileng a botsoa lintho li hana ho fela, a kenngoa setokising, ’me bosiu a ntšoa ke lepolesa la monna le ileng la mo kakata ka kharafu mahetleng, thekeng le libonong.

O re o lokolotsoe ka Moqebelo o fetileng ka mor’a hore a isoe ngakeng Queen II, ke mapolesa ao ho ea inetefaletsa hore e fela e ntse e le moimana,’me ha fumaneha ho ntse ho le joalo.’Mathabo

Lehae la likhutsana le Ha-Mabote Berea, le amohela limpho tse tsoang Econet

Econet Cares
Gifts from ETL to God is Love Centre, Sekamaneng, Berea. Picture courtesy of Econet Telecom Lesotho.

MASERU – – Mookameli oa God’s Love Centre se Sekamaneng, Berea, Neo Motantši o re setsi sa habo se bolokileng bana ba likhutsana ba mashome a mararo a metso e ’meli se amohetse libethe tse leshome le korosari, tse fanoeng ke Econet Telecom Lesotho, ka Labobeli lena.

FB_IMG_1576049327484
Ms Neo Tonts’i – Mohlokomeli oa Lehae la God is

O re lehae lena le leboha tlatsetso ea kamehla e etsoang ke k’hamphani eo ea mehala le marang-rang, e lulang e kenya letsoho le toma ntlafalong ea bana ba sebakeng seo.

Ho sa le joalo, ea buileng lebitsong la Econet, monghali Lebohang Ramaisa, o itse ho tlile tlhokomelong ea bona hore ba keteke le lehae lena e le mokhoa oa ho ba hlabolla. Lengau

Lesotho le na le metsi a mangata ho feta litlhoko tsa lona

Boithuto ba litsebi tsa paballo ea metsi le mobu bo supa hore Lesotho le na le metsi a mangata ho feta tlhoko ea lona, e le a ka monngoang lehlabatheng la noka, a pompeloa hohle moo a hlokoang.

Monghali Thuso Green a bua Probonong ea Labobeli lena, o itse ka nako e telele metsi a Maseru le a likampo tsa Lesotho, a ne a monngoa lehlabatheng la linoka tsee likampo tseo li ahiloeng holim’a tsona, ka lebaka leo, ha ho ntho e ka sitang hore tsela eo ea ho fumana metsi, e sebelisoe molemong oa metse le masimo a Basotho.

Moeti oa lenaneo, Ms Mookho Monnapula, o itse se lokelang ho etsoa ke hore merero le meralo ea pokeletso le paballo ea metsi e kopaneloe ke mafapha ohle a sechaba,’me litsebi li hlonephe litsebo tsa sechaba se bokelletseng litsebo tsa sona ka ho phela sebakeng se le seng nako e telele.

O bile a re litsebi li lokela ho etsa lintho tse ka khothatsang sechaba, sa bona molemo oa tsona ka nako e khutšoanyane, e le tse ntlafatsang bophelo ba sona.

Lenaneo le ne le qhololitsoe ke litlhaloso tse neng li ile tsa fanoa sebokeng sa beke ena sa mekhatlo e ikemetseng se ntseng se tsoelapele, Holong ea Liboka ea ’Manthabiseng.

‘Moka oa mekhatlo e ikemetseng e ts’ets’etha litaba holima temo ea matekoane le tlhahiso ea lijo

Ka Labobeli lena, ’moka oa mekhatlo e ikemetseng o tšoaretsoeng holong ea liboka ea ’Manthabiseng o ile oa tšetšetha litaba tse holim’a temo ea Matekoane, tlhahiso ea lijo, temo ka kakaretso athe ka nqa e ’ngoe ho qoqoa ka PISA moo ho thoeng ‘Kopana le moparamente oa hao, ’me u boloke libuka tsa hao ka nepo’.

Ha a li beha ka Matekoaneng Prof. George Mosotho, o qalile a manolla nalane ea oona hore Bakuena, ba ne ba a rekisetsa Baroa lilemo tsa bo 1550.

Ho feta moo Prof. Mosotho, o itse molemong oa hore motho a be le lengolo la ho rekisa Matekoane, o lokela ho le lefella chelete e likete li kaholimo ho makholo a mahlano a Maloti, ee hoba a e lefe, a lokelang ho ikobela melaoana ea lona.