Tšimoloho ea litšebeletso tsa paseka ho Moafrika FM

Litšebeletso tse bang selemo le selemo tsa Paseka li qalile hantle ka tsela ee li hlophiloeng ka eona, moo momameli a bang le monyetla oa ho imamella Lentsoe la Molimo ka baruti ba fapakaneng, se-ea-le-moeeng sena.

Ona ke monehelo o fanoang ke qhooa ena kanetsong ea mosebetsi oa Molimo oo a o fileng bahlanka ba Oona ho tsamaisa evangeli ea pako le tšoarelo ea libe, ’me mofuta ona oa litšebeletso, o ba habeli ka selemo, keresemese le Paseka.

Ho sa le joalo bamameli ba Moafrika ba bua Lepholeng le Lekomong la Labohlano lena, ba itse ba kene pasekeng ena borankulikae ba pulukantse ’muso ka nyeoe, hoba ba se ba ka tseba ho ithekisetsa boea ba likhutšoane tsa bona moo ba ratang.

Ho feta moo ba kene pasekeng ena maqhubu ohle a qhooa ena a hanyollotsoe bone ba oona, hoja e ne e se e ikhasetsa ka le le leng la 89.7 le khakhathileng ho tloha mohla a 99.3, 90.7 le 93.6 a honyetsoang ka Loetse ea ngoahola. Mokholoane

La leshome le metso e supileng ke letsatsi la bohlokoa ho Moafrika FM

IMG_1533816110516

Mohlomphehi Mohlophisi e Moholo o re barati le bamameli ba Moafrika ba ke ba ithute, ba be ba ele letsatsi la la leshome le metso e supileng la khoeli e le la bohlokoa ho bona le se-ea-le-moea sena sa bona.

Sena se latela hore e be se ne se hakolloe Mafeteng ka lona letsatsi leo ka selemo sa 2005, ea e-ba ntoa e telele ea thapelo ho fihlela leqhubu leo le hakiloe.

Ka mokhoa o joalo ho honyetsoa ha Moafrika ho bileng ka la bosupa la Loetse la selemo se fetileng, ho ile ha ea moriting ka la leshome le metso e supileng la khoeli ena. E ne e se e le khoeli ea borobeli se honyelitso. RK

Borankulikae ba hlotse letona ka nyeoe hape

agriculture-animals-baby-288621Borankulikae ba ahloletsoe hore ba tsoelepele ba ise boea ha bona hohle moo ba bo fumanelang ‘maraka o ba khotsofatsang, khahlanong le ha letona le ne le re kahlolo e emele qeto ea lekhotla la maipiletso.

Moroke Mokhesi J o ahlotse ka Labone Lena hore kopo ea letona, e reng kahlolo ea hae e hlakotseng molaoana oa theko le thekiso ea boea, ke ‘mantloane a banana le bashanyana, e ba o e tjebela matjoing.

Sena, se hlalosoa ke akhente ea Borankulikae, monghali Qhalehang Letsika e bolela hore, basotho ba se ba ka ithekisetsa boea ba bona moo ba ratang, ka bolokolohi.

Raliphatlalatso oa mokha oa Kanana ea Basotho Monghali Thabo Shao o re litho tsa habo tse mashome a mabeli a metso e mene, li bile setsing sa pokello ea mali Lithabaneng, Maseru ho ea fana ka mali nakong ena ea phomolo ea paseka.

O re, litho li hlokometse hore Basotho ba hlaheloa ke likotsi ka matsatsi ana a phomolo, ba lahleheloe ke mali a mangata,’me sena se tla bebofaletsa lipetlele ho pholosa bophelo ba batho. O re ke lekhetlo la pele li fana ka oona.setopo sa libese ngoana puple

Phohlo o hlakola meokho ea ngoanana ea betsitsoeng sekoai ke mohiri oa hae

Ngoanana oa Linakeng Ha Mphosi Thaba-Tseka, o tsebile ho khutlela ha habo ka thuso ea e mong oa batšehetsi ba Moafrika Fm, monghali Limema Phohlo, ea ileng a utloa seboko sa hae sa ho hloloa ho boela hae, ka baka la ho hloka chelete.

Katleho Khau o ne a ile a tlalehela Lehakoe la Litaba hore o ne a tlile mosebetsing Maseru, a mpa a phoqoa ke mong’a hae ee a neng a mo sebeletsa, ka ha a sa ka a mo lefa letho,  ka mabaka ao a sa a tsebeng.

Ngoanana o re o ne a qale ho sebetsa le mosali eo, mahareng a khoeli ea Tlhakubele monongoaha, ’me ha a hopola hore o tlo mo lefa, ke ha a ’molella hore o ilo kalima chelete ho tla mo fa, eaba o mo nyameletse.

O re ka lebaka la ho hloka fono, ha a na linomoro tsa eo a llang ka eena, le ha ho le joalo eo o lokolohile ho fana ka lehlakore la hae Lehakoeng a Litaba, holim’a litaba tsena.

Mohlankana o tokhotsoa ke mapolesa Qachaseneke

Moahi oa Liqalabeng Ha Kahlolo, Qachaseneke, o re mora oa hae le ba bang ba babeli ba ile ba tokhotsoa ke mapolesa a setereke seo ka le reng ba k’hotholitse ngoanana ea sa tsejoeng, makholo a robeli a Maloti, ka Labobeli le fetileng.

Mosali ee Lehakoe la Litaba le itšebileng le eena, o re bahlankana bana ba ne ba ntse ba robile monakeli, ’me ho bona ha fihla mapolesa a ileng a ba botsa ka mohlankana eo ho utloahalang a iketse Afrika Boroa.

O re bahlankana ba ile ba laeloa ho fasolla marapo a lieta, a ba ileng ba fasoa ka oona ke mapolesa a ileng a ea ka bona, ha ba fihla setokising, ba tokhotsoa ka mofeng oa beke lifubeng, ba ba ba lokolloa ka le reng ba tle le bak’hothotsi bao.

Monna o tokholetsa e mong molato oo e seng oa hae

Mosali oa Ha-Phohla, Mokhotlong, ea lulang Ha-Tsautse, Maseru, o re ntat’ae o ntšitsoe leqeba har’a hlooho le ho lematsoa letsohong ke monna oa motse oo ka Labone la beke ena, ka le reng, o lula a senyetsoa ke batho ba fetang haufi le ha hae.

’Mapaseka Lenea, o re o fumane ntat’ae a se a ntse a pitikisoa ke monna eo, a se a bile a fopha mali, le ha ho le joalo, litaba tsena o ile a li tlalehela sepolesa sa Ha-Thamae, a ba a fetisetsa ntat’ae setsing sa kokelo. O re tsietsi ena e hlaha ntat’ae a ne a mo felehetsa ho ea setopong.

Paseka e bula Basotho molomo malebana le tlhophobocha

Tlhaloso e reng paseka ke lereho le hlahang boitsekong le tokolohong ea BaIseraele ba neng ba phela ekhepeta e le makhoba, e qhololitse potso e reng na Basotho ba cha ba tšola eng litabeng tsa BaIseraele ha e le mona ba iphathahanya ka letsatsi la tokoloho eo ea bona, ba bile ba e reha bana ba bona.

Libui tsa Puo ea Sesotho ka Labone lena, li ne li ile tsa eketsa ka hore Basotho bona ba se ba e keteka e le mokete oa tokoloho sebeng ka lefu la Jesu sefapanong sa Kholekhotha, ha boela ha hana ho re qii hore na Basotho ba kena joang hona litabeng tseo tsa lefu la Jesu ea bolailoeng ke ba habo, ba tsekisana holim’a moetlo oa bona.

Ke moo ho ileng ha hlahella hore Basotho ba nkile paseka ho manyesemane a neng a busa naha ena ho fihlela ka selemo sa 1966 ha manyesemane ao a ne a khutlela ha habo ’ona, Basotho ba sallana le puso e feletseng ea naha ea habo bona.

Lenaneo le itse e bile Basotho ba se ba itsoellapele ka mekete le matsatsi a khethehileng a neng a ketekoa ke makhooa, bakeng sa ho khutlela mekhoeng ea bona ea pele Makhooa a fihla naheng ena.

Ba lihelletse ka hore ha e ba Basotho ba se ba rata paseka, ha ba e kenye molaong oa motheo joalo ka ha linaha tsa ma-moseleme li bopelletse tumelo ea tsona ka har’a molao oa tsona oa motheo.

Bo-mmaseterata ba hikitsa sa khutsana e se nang beng

Bo-mmaseterata ba Lesotho ba ntse ba tsoelapele ho hikitsa seboko se hlomolang pelo, se kang sa khutsana e se nang beng, ba llela ntlafatso ea boemo ba bona le nolofatso ea tšebetso ea bona.

Molula-setulo oa mokhatlo oa bo-mmaseterata o re seboko sa bona se tloha selemong sa 2006. O re ba tseka hore ’muso o phethahatse kahlolo ea lekhotla le phahameng e reng ha se bahlanka ba ’muso, etsoe ba sa hiroe ke oona, ba hiroa ke Komisi ea Bosebeletsi ba Toka.

Ka lebaka leo, monghali Peete Molapo o re ba lokela ho sebeletsoa ’moho le baahloli ba Lekhotla le Phahameng le la Maipiletso, e seng le bahlanka ba ’muso. Ho feta moo o re likhakanyo tsa lichelete li ba fa mafoforetsane a chelete hoo ba hloloang ho sebeletsa sechaba sena se tsetselelang bosebeletsi ba bona nyene le bosiu.

O re ha ba na lisebelisoa tse ba lumellang ho etsa mosebetsi oa bona ha bobebe, ha ba na chelete ea ho etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi e kang ho tsamaisa bo-mmaseterata le mang’osa ho ba fumanela bolulo ha ba le kantle ho libaka tsa bona tsa ka mehla.

Mohlomphehi Mohlophisi e Moholo o rarolotse fito la ngolisong ea makoloi

IMG_1533816110516Kamor’a ho fumana makoloi a hae a filoe linomoro tse fosahetseng, e ’ngoe e bile e fosahetse ka lintho tsohle, e leng mabitso, linomoro le matšoao a koloi, morena Sebonomoea o ile a ikisa ntlokholo ea lefapha la ngoliso ea makoloi, Maseru.

Teng o ile a bolelloa ke ofisiri e kholo hore ba neng ba mo sebeletsa Teyateyaneng, ba fositse mokubetso, a mpe a be pelo e mongobo, a khutlele teng tsohle li tla khutlisetsoa mocheng.

Kamor’a ho qapolla taba ena, Horeng ea Litaba, bamameli ba ile ba kena ba re taba eno ea ho fana ka linomoro tse ncha makoloing, ke kobo-anela, bona ba amohetse boemo boo.

Ofisiri e kholo ea Lekala e thusitseng morena Sebonomoea sa bobeli sa Makholokoe, e itse liphoso tse ling li lokela ho romelloa Khauteng ho beng ba marang-rang ana a ba sokolisang, ho ea rarolloa.