Bakhatla ba fihletse kutloisiso e ncha ka bophelo ba baholo ba bona, Malimong

Bakhatla ba re nalane ea baholo ba bona e lokela ho ngoloa bocha, ho otlolla lintlha tse bonahalang li ile tsa khopamisoa ke lingoli tsa khale, tse kang hore na naha ea morena oa bona, Tsematsi, e ne e le kae ka boholo, nakong ea lifaqane, ha ho tla ba le malimo.

Ba re le eona taba ena ea malimo, ee e seng e ka ha ho letho lee Bakhatla ba neng ba le etsa, ntle le ho ja batho, e lokela ho otlolloa. Ba bua joalo ba ipapisitse le sebopeho sa qhobosheane ea morena Tsematsi e neng e e-na le litsi tse tharo tsa bohlokoa, e leng lehaha, lithako tsa motse-moholo oa hae le malingoaneng, moo ho neng ho phela bahale le bo-molula-qhooa.

Ho feta moo, ba re tlhaloso e malabana le ho tšoaroa ha Peete le bao a neng a tsamaea le bona, ’moho le hore na morena Tsematsi le sechaba sa hae ba qetelletse joang, hokae, ha e utloahale. Ka lebaka leo, barutehi ba Bakhatla ba lokela ho etsa liphuputso tse tlang ho otlolla litaba tsena tsee hona joale li sebelisoang, ho hobosa Bakhatla.

Komitjana ea nakoana ea khokahanyo ea bona ea ngoahola,ha ea fetoloa,e matlafalitsoe ka ho fa bohle ba bileng kopanong ea Labotšelela le fetileng hona moo Ha Tsematsi,boikarabelo ba ho pharalatsa boithuto ka Bakhatla, bo lokelang ho ea fihla Zeerust, Afrika Boroa, moo histori e reng borena ba bona bo boholo bo ne bo le hona teng, pele bo qhalanela hohle kahar’a Afrika Boroa,Lesotho le Botswana.

Monna o re e mong o mo ts’ositse ka lefu, Thaba-Bosiu

Moahi oa Thaba-Bosiu Liolong,Maseru,o re monna oa motse oo o mo tšositse ka lefu kamor’a hore a hane taelo ea hae ea ho fothola lijalo tsa jarete ea hae.

Monghali Mohanoe Nkibane o re eo o fihlile ha hae a loloma ke khalefo, a mo fumana a ntse a lema, a bua le eena ka tsela e sa mo hlompheng: ’Tlosa manyala ana ao o ntseng o a etsa mona,ha ke khutla, ke tle ke fumane o sa a tlosa ke tlo o thunya’.

Eo ho lluoang ka eena lehlakore la hae ha le eo, ka lebaka la ho se tsebahale ha linomoro tsa hae tsa mohala,empa menyako e butsoe ea Lehakoe la Litaba ho fana ka lona.

Le ha ho le joalo Nkibane o re o ile a ea tlalehela sepolesa sa Flight 1 litaba tsena, empa sa mo laela ho ea tlaleha litaba tsena lekhotleng la Ha Maja, ha a tla balehela qhooeng ena, le hoja litaba tsena li se li ntse li sebetsoa ke lona lekhotla

Mohlankana o teteka teluputsoa ho fihlela a nehela moea,Butha-Buthe

Mok’hanselara oa Nqoe B03 Kaonyana Maloseng,Botha-Bothe, o re moshanyane oa moo ea kabang lilemo li mashome a mabeli, o palehong kaha a belaelloa polaong ea monna-moholo ea lilemo li Mashome a supileng a metso e ’meli, ka Labosupa lena.

’Matoka Mokone o re qabang e ile ea hlaha moo tonki ea Teluputsoa e ileng ea kena tšimong ea bo moshanyana,’me ke moo eo a ileng a mo bata ka molamu a ba a oa, a nt’o nka pitla ee a ileng a mo emella ka eona hloohong ho fihlela a nehela moea.Setopo se phuthuoe ke sepolesa sa ’Muela ka Lapele lena, ha le ne le phahama.

Ho sa le joalo lelapeng la mofu, mok’hanselara o re bana ba mofu ba fositsoe ke pitlahali e ileng ea thethehela moo, ea senya maballo a ntlo, nakong ee sechaba se neng se phallela mokhosing, ‘me taba ena e makalitse sechaba hore na e bolela eng.

Bamameli ba lakaletsa motsamisi oa Tse Bileng ka Sehlohong tsela-tšoeu

Bamameli ba Lenaneo la Tsebileng ka Sehlohong ka Labosupa lena ba lakalelitse motsamaisi oa lona ea behang meja fatše katleho le mahlohonolo moo a eang.

Ba bua ka thabo e khaphatsehang ba itse Monghali Valeshiea Matela o sebelitse ka lerato, botšepehi, hlompho, le boikokobetso har’a liqholotso, ka lilemo tse leshome, a sebeletsa bohle ntle ho leeme.

Ba itse e se eka bohle ba ka ela bosebeletsi ba sechaba hloko,ba re o tehile ka mohlala o motle oa ho fonanisa, eleng se pakang hore ha a tloha ka bobe, hoba ba ee ba makale ha ba se ba utloa ba bang ba se ba bua lialemoeeng tse ling ba saka ba re letho.

Makhoakhoa a itekola ts’ebetsong ea oona ea 2019

Makhoakhoa a libaka tse fapakaneng tsa Botha-Buthe a ile a khobokana ha monghali Chitjanyane Teanye ka Labosupa lena, ka sepheo sa ho itekola tšebetsong ea oona ho tloha boleleleng ba selemo.

Monghali Teanye o re, kopano ena e tšoaroa selemo le selemo ka ho potoloha le malapa,‘me lekhetlong lena molomo oa ketlele o ne o shebile ka ho eena.Teanye o re ho bile le lipuo tse fanoeng, tse phethetsoeng ka boithabiso

Mosali o re bokeatseba ba mo eletse mabapi le leholiotsoana le mo senyelitseng matlo a mararo, Thaba-Tseka

Mosali oa Sehong-hong Ha Makabelo Siri,Thaba-Tseka,o re, leholiotsoana le sentse matlo a hae a polata, a mabeli ha e ’ngoe e le fefotse, ka Labotšelela lena.

Mapalesa Kanetsi o re ho ile ha tla leru le ipopileng joalo ka bolo, le nyoloha lilomong tsa Kuqakha le tobile ha hae, la fihla la fefola marulelo a ntlo e ’ngoe la siea a mang a senyehile.

O re se makatsang ke hore, mohlolo ona o kene ha hae feela, kaha baahisane ba sa angoa ke ketsahalo eo.O re o kopa boeletsi ho Bokea- tseba, kaha a lumela e le boloi.

Mosali oa Foreisitata o re mora oa hae o khakhatetsoe mophatong Berea

Screenshot_20191229_184424

MASERU — Mosali oa Foreisitata, Afrika Boroa, o re mosuoe o lemalitse mora oa hae Lehlohonolo Phenethi ea lilemo li leshome le metso e Tšeletseng, ka ho mo khakhatha,a ne a titimelletse mophatong, Ha Jubilee, Berea, ka Pulungoana, monongoaha.

Mpho Letšela o re o ile a bolella ramophato ho se phatse ngoana kaha a le tlase lilemong, empa eena a latola ka hore eo o se a bone bashemane ba bang hampe, o bile o kene ka har’a lithakhisa tsa hae.

Mpho o re hamorao, o ile a makala ha bolelloa ke ramophato hore mora o sepetlele Queen ’Mamohato,moo a ileng a mo fumana a lemetse hlooho, sefahleho le leihlo, a le metoa ’meleng,‘me o bile a pheta hore mosuoe o ile a mo fafatsa ka senyanyatsi sefahlehong,ho tloha moo eaba ha a sa tseba se etsahetseng.

O re ha ha joale mora o sepetlele Bloemfontain kaha lelapa le ile la kopa hore a isoe teng, kamor’a ho bolelloa ke baoki hore ho na le batho ba belaetsang, ba il’o mo hloela, feela e se baamani.

Ho sa le joalo ramophatho Monghali Lehlohonolo Mophethekatsi eena o re ngoana o sutumelitsoe ke e mong ba ne ba le methating ea lilomo, ba ntse ba roalla.

Banna bohle ba lokela ho latela mohlala oa Josefa, mobetli

Thero ea kereke ea Sechaba sa Molimo Apostolic, ea Sontaha sa mafelo a selemo sena, e itse, bothata ba Lesotho ke banna le bahlankana ba hlahlathelang hole le mehlala ea Josefa, metli.

Thuto e neng e thehelletsoe holim’a kemolo ea Maria, e itse, ho loka ho kollang ho tšabeng Molimo ho ile ha etsa hore Josefa a itlame ka mosali ea ileng a ’makela sekhobo se seholo.

Botlokotsebe bo bongata har’a banna le bashanyana,Moshe le Moporofeta oa Basotho ba joale, o itse bo bakoa ke ho baleha boikarabelo ha banna le bahlankana, tsoalong ea bona, ho bakoang ke ho se natse lentsoe la Molimo.

O itse Josefa, ka lebaka la ho tšaba Molimo, o ile a holisa ngoana ee eseng oa hae ka matla ohle a hae, athe banna le bahlankana ba Basotho bona ba koekoetla tsoala ea bona.

Mahatammoho a lebetse letsatsi la tsoalo ea mothehi oa ’ona

Letsatsi la la mashome a mabeli a metso e tšeletseng la Tšitoe, e kile ea e-ba letsatsi le leholo har’a sechaba sa mahatammoho a Lesotho, e le la sehopotso sa tsoalo ea mothehi oa ’ona Ntsu,mora oa Sisirone le’Mamaooba Mokhehle, ba Moqatokhaoha, Ha ’Mamathe.

Sehlohlolong sa bophelo ba monna ea thehileng Lekhotla la Mahatammoho le boitseko bo qetelletseng ka ho khutlisetsa puso ea molao oa motheo, Lesotho, ka letsatsi lena, ho ne ho bile ho tšoaroa seboka se seholo sa selemo sa Lekhotla la Mahatammoho. RK

Puso ea Lesotho e hloka ho ho nesoa moriana o felisang khoshane

Thabane, PM
Lesotho Prime Minister Dr Motsoahae Thomas Thabane

Basotho ba re puso ea naha ena e na le bothata bo hlokang lipitsa, e bohla khoshane e pakang hore qaati ea eona ha e sebetse hantle, e pipitletsoe.

Ba bua lenaneong la Puo ea Sesotho ka Labone lena, ba ne ba ile ba simolla ka ho manolla see moea o leng sona, ba re ha o bonoe ka mahlo, empa, ka mesebetsi le liketso tsa oona tse kang bokhopo ba batho, litsokotsane le maholiotsana, ho bohla le ho phinya.

Lipolelo le maele ka moea e bile: Motho ea e-ba moea o phelang. Moea o likaqa, o fotholang lifate. Moea o fokela moo o ratang teng le ho busa-busa moea, har’a tse ngata.

Pheko e ka thusang ’muso, ho pipitleloeng hona ho o bohlisang khoshane, boeletsi e bileng hore ho bitsoe likhetho ha bo bong e bile hore bahoebi le barui ba baholo ba Lesotho ba nke mohlala oa monghali Sam Matekane, ba tsetele metseng ea habo bona, ka ho etsa lintlafatso tse fetolang bophelo ba sechaba. SR