NACTWU e batla ho ikisetsa taelo ea ho ts’oara mohiri

National-Clothing-Textile-and-Allied-Workers-Union-NACTWU-Secretary-General-Sam-Mokhele-1
NACTWU Secretary General, Sam Mokhele. Picture courtesy of Lesotho

Mokhatlo oa basebetsi oa NACTWU, o kopile tumello ho Lekhotla la Bosebetsi,ho ikisetsa taelo ea lona ea ho tšoara mohiri, ho mookameli oa sepolesa sa Maseru e ka har’a toropo, ka Lapele lena.

Mokhatlo o re mabaka a ho etsa kopo eo lekhotleng la Bosebetsi, ke hobane kamehla ha mohiri eo a lokela ho tšoaroa, mapolesa a cha ntši, ho latela boemo ba hae.

Motlatsi oa mongoli e moholo oa NACTWU, Tsepang Makakole o re mokhatlo oa habo, o ne o ile oa pulukanya mohiri eo ka nyeoe lekhotleng la DDPR, Maseru, lilemong tse tharo tse fetileng.

O re mohiri, eo ha a ne a lokela ho lefa basebetsi, ke moo a ileng a iphapanya sa beng ba likolobe ho fihlela mokhatlo o kopile namo lekhotleng la Bosebetsi.

Ho feta moo, mohiri o nyemotsa lisamane tsa lekhotla, ke kahoo mokhatlo o kopileng hore, a tšoaroe, a lefe basebetsi ba mashome a mabeli a metso e supileng, likete tse habang tse mashome a mahlano tsa Maloti.

Mofokeng o re kamehla mokhatlo o tlaleheloa hore litaelo tsa lekhotla li nyamella mapoleseng a Maseru e toropong, ke ka hona o kopileng ho ikisetsa taelo eo, o tlo tsebe na e nyametse ho mang.

Lithuthuthu li senya lifate tsa moahi oa Ha Ralejoe tse nyalisitsoeng

Moahi oa Ha Ralejoe, Ha Kubutu, Maseru, o re o senyelitsoe lifate tse nyalisitsoeng tse mashome a mararo ke boralithuthuthu, ba ileng ba li hata, ka mor’a ho paroletsa ka jareteng ea hae, khoeling e fetileng.

Monghali Mokete Konyana o re o ile a roala lieta ho ea ofising ea ba amehang lithuthuthung tseo, a bolelloa hore o tla thusoa, empa ho fihlela lena, ba ntse ba e-so ee ho ea bona tšenyo e boleloang.–

Lehlakore la habo lithuthuthu, lee ho lluoang ka lona, ha lea fumaneha hobane ea ileng a araba mohala oa Lehakoe la Litaba, ea hanneng ka lebitso la hae, o itse mookameli o tla ba teng ka Tšitoe.

Monna oa Ha-Rafolatsane Mokhotlong o lla ka mokoloti oa boea ba linku tsa hae, ea hanang ho bo lefa

Monna oa Manganeng Ha-Rafolatsane, Mokhotlong, o re e se e le bothata hore a fumane chelete ea boea ba linku tsa hae, boo a ileng a bo kolotisetsa monna oa Libibing Ha-Abia, hona seterekeng seo, hobane eo, a se a meneka ha lokela ho neha eona.

Monghali Teboho Sekati, o re o ne a ile a lumellana le monna eo mathoasong a khoeli ea Loetse monongoaha hore o tla mo lefa ka mor’a matsatsi a seng makae a eona, empa o se a ’molella hore a keke a etsa lintho ho latela takatso ea hae.

Leha ho le joalo, Lehakoe la Litaba le hlotsoe ho fumana lehlakore la eo ho lluoang ka eena hobane, mohala oa hae o ne o sa fumanehe, empa o ntse a buletsoe mamati, ho fana ka lona.

Ba habo mofu ba mo tseba ka liaparo le letseka la mathe, Botha-Bothe

Masapo a monna oa Mafika-lisiu Botha-Bothe a phuthiloe ke Sepolesa sa Monontša ka Labobeli lena, likhohlong tsa Qoaqoa RSA, kamor’a ho nyamela Ka Phato monongoaha.

Mofumahali Mathaabe Matela o re monna o ne a nyamele a ne a tsoa kampong ea Botha-Bothe,’me o re balisana ba re, sethathong ba ne ba bone setopo se se se sena mahlo ba itholela ka lebaka la letsoalo, empa ba qetella ba bolelletse mong’a motebo eena a tsebisa sechaba le Morena. 

Morena ’Mathaabe o re, ba habo mofu ba mo tsebile ka liaparo le lehata le neng le e-na le letseka la mathe, ’me masapo a bolokuoe a tšetsoe ka har’a lebokose, kaha a ne a sa fella.

Monna oa Matsoku Ha-Seshote, Leribe, o re o se a robala hlatheng ka baka la mapolesa a Hlotse

Monna oa Matsoku Ha Seshote ea phelang Sebothoane Ha Maphike, Leribe, o re o phelisoa ba linonyana, ke mapolesa a Hlotse a lutseng a mo tsoma, ka mabaka ao a sa a tsebeng, nyene le bosiu, hoo a seng a robala hlatheng, bosiu bo bong le bo bong.

Monghali Thato Rankulo o re o belaela hore tsena sesosa sa tsona ke mocheliete oa hae oo ba ileng ba mo amoha oona tseleng, o neng o betoe ke bahlankana ba babeli, bosiu bohle, ka Hlakola ea monongoaha.

O re taba ena ha ea ka ea sebetsoa ke mapolesa hobane a ne a ntse a batla ’melaelloa oa ketso eo, ’me ha a mo fumana, eo, a mo tšoaselletsa litabeng tseo,’me oona a mo a lata ha hae, a ea mo koalla setokising le ho mo tokhotsa ka mabaka ao a sa a tsebeng, a nto mo lokolla.

Leha ho le joalo, mohlankana ee ho buuoang ka eena ea hlalosoang e le moetselletsi, mohala oa hae, o ne o lla feela, ke ka hoo Lehakoe la Litaba la sa tsebang ho buisana le eena.

Mokhethoa oa Senqu, o teka bopaki ba hae holim’a khiriso ea makoloi, kapel’a PAC

Member-of-Parliament-for-Senqu-constituency-Ms-Likeleli-Tampane-1

Ka Labobeli lena, Komiti e shebaneng le tšebeliso ea lichelete tsa sechaba, PAC, ka kopanelo le komiti ea paramente e sebetsanang le litaba tsa bosebeletsi ba sechaba, e kopane le ofisi ea DPP, e neng e hlalosa mokhoa oa eona oa tšebetso, ho qosoeng ha litloli tsa molao.

Adv. Hlalefang Motinyane o itse matla a hae e le Mochochisi e Moholo Lesotho, a kolla molaong oa Motheo,’me mosebetsi o moholo oa ofisi ea habo, ke ho qosa, e seng ho fuputsa, ka baka leo, ha e fumana taelo ea hore motho a qosoe, e etsa joalo, ho se qea-qeo ea letho.

Hona letsatsing le boletsoeng, Ms.Likeleli Tampane, mokhethoa oa Senqu, o bile ka pel’a likomiti tseo tse peli, a fana ka bopaki holim’a khiriso ea likoloi tse peli, tsee menyenyetsi e neng e re e bile eena mohokahanyi oa ho li fumanela mosebetsi.

Ha a teka litaba tsa hae, Tampane, o itse seo o se fihletse ka hore ho be le mohlankana ea neng a ipitsi Tlokotsi, ea neng a re ho eena, o hira le ho hirisa likoloi tsa li-van, ka baka leo, eo a mo kopa hore a mo fe ea hae, a e fumanele mosebetsi, empa a re ha a na eona.

Ho feta moo, Tampane o itse o ile a boela a kopana le mohlankana eo a se a ’molella hore o hloka hore a mo fumanele likoloi kapele, hobane mosebetsi o se o le teng, ka hona, li tlisoe le chelete ea ngoliso ea tsona e likete li peli tsa Maloti, koloi ka ’ngoe, ee a ileng a fana ka eona ho e ’ngoe ea likhoebo tsa lijo, limmolong tsa Maseru.

Mokhethoa oa Malingoaneng o khothatsa paramente ka bibele

Mokhethoa oa Malingoaneng o boetse a akhella maparamente a Lesotho ka lentsoe la Molimo, a qotsitse evangeli ea Johanne lengolong la borobeli ho tloha ka temana ea 44-47.

litemana tseno li baleha tjena: Lona, le tsoa ho ntat’a lona, e leng Diabolosi, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lona. Eena ke ’molai ha e sale ho qaleng: ha a lule ’neteng, hobane ha ho ‘nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae: hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.  

Empa ’na, kahobane ke bolela ‘nete, ha le ntumele.Ke mang ho lona ea tla nkholisa hore ke na le sebe? Ha ke bua ‘nete ha le ntumele keng? Eo e leng oa Molimo o utloa mantsoe a Molimo: ke ka baka leo le sa utloeng, hobane le se ba Molimo.

O bolelletse Lehakoe la Litaba ka Labobeli lena hore o se a tla lula a eletsa le ho akhella Paramente ka lentsoe la Molimo. O re o sebelisa bibele e hlapantšang litho tsa lekhotla la Sechaba.

Khothalletso ea ho hlakola molaoana oa boea, o tlatlapang borankulikae

Komitjana ea paramente e neng e shebane le sello sa Borankuliakae ba Lesotho se reng ‘Muso o hlakole molaoana oa thibela ea thekisa ea boea moo ba ratang e fane ka likhothaletso Paramenteng ea Lesotho Ka Labobeli lena.

Ho ea ka qeto ea Komitjana e tlileng ka mora liphuphutso tse tebileng, ke hore molaoana oa thekiso le taolo ea boea ea selemo sa 2018 nomoro ea 65 oa la mashome a mararo Phato, o tlisitse tlala le tlhobolo ho Borankulikae tse ba siileng ba lahlehetsoe ke ts’epo ea bophelo.

Komitjana e khothallelitse hore molaoana oo o hlakoloe ho be ho lumelloe lihoai ho rekisa boea moo li ratang teng. Hape ‘muso oa Lesotho o etse bonnete ba hore lihoai li fumana litsiane tsa boea tse kolotoang ke oona ‘Muso.

Moqhobi oa lephele o ina libono metsing kamor’a ho chahisa ngoana ka lona, Ha Tikoe

Moshanyana ea lilemo li hlano, o ile a chahisoa ke koloi Ha-Tikoe, Maseru, e bileng ea baleha sebakeng seo,’me eena a potlakisetsoa setsing sa bophelo se Likotsi, hoseng ha Lapele lena.

’Matumelo Maoeng, o re koloi ea lephele ea linomoro tsa M4324 ea Salon e ’mala o lefifi, e ne e le lebelong le phahameng lee moqhobi oa eona, a sitiloeng ho le laola, ha e tla thula ngoana eo.

O re le ha ho le joalo, ngoana o ile a alafshoa setsing sa bophelo, a ba a lokolloa a filoe litlhare.

Lenyora ha habo Liphamola

’Musi oa setereke sa Mokhotlong, o re leqeme la metsi le ntse le phahama, hoo mehloli e neng e ntse e se fepela ka oona, e seng e chele, ’me ke bothata ho Liphamola ho a fumana hantle.

Monghali Serame Linake, o re boemong bona, WASCO, e ntse e leka ka matla ho phopholetsa moo e ka fumanang mehloli ea metsi, hoba noka ea Mokhotlong, e fepeloang ke ea Phutha, e omme ngo.

O re le ha ho le joalo, eena o se a ntse a etsa litlhopho tsa hore ho be le likoloi tsa LHDA, tse isang metsi metseng, ho thiba kotsi e tobileng sechaba sa setereke seo.

Ho sa le joalo, monghali Linake, o re balisana ba tšeletseng ba Linotsing, Khutlo-Peli, Ha-Thabo Lerotholi,Mokhotlong, ba belaelloa ho cheseng sekhakeletsi bosiung ba Labohlano le fetileng. 

O re sena se latela hore bao, ba loantše bahlokomeli ba sekhakeletsi ba neng ba ilo tšoara liphoofolo tsa bona motšehareng oa letsatsi le boletsoeng, ’me ba itsamaela ka tsona.