Tlaleho ea sesole ka setho se bolailoeng ke masholu, Thaba-Tseka

Tlaleho e tsoang ofising ea sesole sa Lesotho e re banna ba tšeletseng ba ile ba tšoaroa Masaleng Bobete Thaba-Tseka, ka pelaello ea ho bolaea setho sa sesole, bao ba bararo ba bona ho etsa palo ea robong, ba ileng ba baleha, ka Labobeli lena.

Tlaleho e re sena se latela hore setho seo, se utsoetsoe linku tsa sona ke batho bao se ileng sa ba tseba, sa ba atamela ka khotso, ba se tšepisa ho se lefa liphoofolo tseo ka ’Mantaha ona, ba mpa ba re se tle ka Labobeli.

Setho seo se tlalehoa se ile sa ea sebakeng seo, se se se e-na le e mong oa lelapa, ’me ha ba fihla, babelaelloa ba bitsetsa setho seo thokoana hore ba khokhohanye puo, moo ba ileng ba se khakhatha ho fihlela se timetse ka ha ba ile ba se kopanela le ba bang.

Bakuli ba lla ka setsi sa bophelo sa Ha Ratjomose

Mosali oa Ha-Thetsane Maseru, o re o ile a lokela ho siea litlhare tsa hae ka mor’a ho bona ngaka setsing sa bophelo se Ha-Ratjomose ka Labobeli lena, ka ha ba neng ba lokela ho mo nea tsona, ba itse moo li bolokoang, ha ho na motlakase, ho lefifi.

’Marethabile Mokhele, o re o basebeletsi ba litlhareng ba itse esale ba sa rekeloe motlakase ho tloha ka ’Mesa monongoaha ka mabaka a sa tsejoeng, ba qheqhebisa ka ho ithekela oona, joale le bona ba feletsoe.

O re litlhare o li fumane ka mor’a ho tla Queen II, le teng ka mor’a ho hlahlojoa hape ke ngaka, hobane a ile a bolelloa hore o lokela ho hlahlojoa bocha, ha ho ka moo a ka thusoang, ntle le hore a phete.

Bamameli ba Hora ea Litaba ba ile ba tlatsa ’Marethabile ka hore mathata a setsi seo a maholo hobane bakuli ba lokela ho ipatlela litlhare moo ba ka li fumaneng teng, athe matloana ke tsietsi e fetang.

Liteko tsa Lehakoe la Litaba tsa ho fumana ba ikarabelang setsing seo, ha lia atleha ka ha mohala oa ofisi ea sona o ne ngabaola feela, empa ba ntse ba buletsoe mamati.

Mong’a linyalasi o ema thabeng hore a keke a lefa tšenyo ea tsona Mafeteng

Moahi oa Paballong Ha-Leutloileng Matsepe, Mafeteng, o re mong’a lintja tse neng li lome linku tsa hae tse supileng tsa ba tsa shoa, o hana li lefa ka mabaka a sa tsejoeng.

Monghali ’Mole Sefali, o re taba ena e ile ea buisanoa ke eena le mong’a lintja botenng ba sepolesa sa Mafeteng, a mpa a bolela hore setsoeng ke Ha-Molapo, a keke a li lefa.

O re boemong boo sepolesa sa bula nyeoe, ’me ho tla uoa khotla ha khoeli ea Phupu e tla be e hlola matsatsi a mashome a mabeli a metso e mene, ’me o ntse a eme thabeng hore li lefshoe.

Linku tsa monghali ’Mole tse neng li le ka jareteng ea habo tsona, li ne li hlaseloe ke lintja tse boletsoeng, tsa ba tsa shoa, ’me tse ’ne tsa tsona li ne li emere, morena oa hae a ba a mo etsetsa lengolo le mo fetisetsang mapoleseng.

Basotho ba se ba tla ithekisetsa boea moo ba ratang bakeng sa likhoeli tse tharo

agriculture-animals-baby-288621

Tona-kholo ea Lesotho e re bo Ranku-li-kae ba tla fumana monyetla oa ho ithekisetsa boea bakeng sa likhoeli tse tharo moo ba ratang, ha ho ntse ho etsoa mekutu ea ho lokisetsa thekiso ea bona ka har’a naha.

Dr. Motsoahae Thabane, a bua ’mokeng oa baphatlalatsi ba litaba liofising tsa telebesheneng ea Lesotho ka Laboraro lena, o re o se a bile a laetse hore lihoai tse kolotoang chelete ea boea ba lefshoe hang hang.

Ho feta moo o itse letona la Lichelete le morerong oa ho thehela bacha ba naha ena mesebetsi e likete tse robeli le makholo a mahlano e lebeletsoeng ho qala ka khoeli ea Phupu, monongoaha.

Lelapa la Thakamphana le patlong ea mora lona ea nyametseng

Lelapa la Thakamphana le Matelile Ha-Kanono, Mafeteng, le patlong ea mora oa lona eo ho sa tsejoeng moo a ileng teng, ’me e se e ka ba beke ea bobeli bao a hirileng le bona malaeneng Khubetsoana Ngoana oa Lla, Ha-Hlathe Majara, Berea, ba sa mo bone.

Monghali Tšeliso Thakamphana, ea buileng lebitsong la lona o re o ile a tseba ka ho nyamela ha moena oa hae ka motho ea sebetsang le eena a re eo ha a bonahale mosebetsing, na lelapa le ka tseba moo a teng.

O re mabitso a moena oa hae ke Kabelo Thakamphana, ke motho e mosootho ka lebala, o mahareng ka seemo, o ntse a holisa lenyetse hloohong, kahoo ba ka tsebang moo a teng, ba letsetse 57387109.

Ngoana le ntata’e moholo ba hlajoa ka ntho e bohale ke ea nang le lefu la hlooho

Ngoana le ntata’e-moholo ba Hleoheng Ha-Maqele Leribe, ba ile ba potlakisetsoa sepetlele Motebang ka mor’a ho hlajoa ka ntho e bohale ke mohlankana oa Ha-Polaki ee ho belaeloang a e-na le lefu la hlooho, ka Lapele la beke ena.

Mofuputsi oa litaba tikolohong ea Maputsoe, monghali Sepeka Makoae, o re mohlankana o tlalehoa a ile a ea lapeng la monna-moholo, ’me khopolo ea e-ba hore o il’o ithekela mokankanyane ka ha o rekisoa moo, empa eo a khorohela leqheku le ngoana, a ba nyekenya ka ntho e bohale.

O re ’melaelloa o ile a phetlela mpa moea, empa sechaba sa mo manakisa le ho mo qhautsa, sa nto mo utloisa ka letlalo, a tla namoleloa ke moholoana’e. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-so tsebahale na bophelo ba mahlatsipa bo boemong bofe.

Malapa a Maloi le Sefali, a re a ntse a lebeletse ka tšepo hore ba babelaelloa ba polao ea morali oa oona ba tsejoe ba tle ba hlahisoe ka pel’a makhotla a molao, kaha a ne a fumanoe a timetse ha khoeli ena e ne e hlola matsatsi a mabeli, ’me o bolokoa Ha-Kotoanyane, Mafeteng, mafelong a beke ena.

Ea buileng lebitsong la oona Bokang Sefali o re ngoanana o ne a bolaeloe Motse-Mocha Ha-Leutloileng Matsepe hona seterekeng seo ke batho ba ntseng ba e-so tsejoe,’me o ne a fumanoe a le ka har’a lekoaliba la mali e se e le maobane, monyako oa ntlo ee a neng a le ka ho eona, o sa notleloa.

Moloaneli oa tokoloho o tla bolokoa mafelo a beke, Quthing

Setho sa komiti ea naha ea lebollo sa Mount Moorosi, Mokotjomela Ha-Sebokoana Quthing, se tlalehoa ke lelapa la sona se ile sa timela matsatsi a se makae pele khoeli e fetileng e fela, nakong ee se neng se lokela ho potlakisetsoa sepetlele, kaha se ne se imeloa ke ho phefumoloha.

Ea buileng lebitsong la lelapa monghali Jese Mahlala, o re monghali Teboho Mahlala ee e neng e bile e le sehoai sa liphoofolo, o ile a tsebahala e le moloaneli oa tokoloho nakong ea Qomatsi, ea bileng a baleha naheng ena,’me o timela a se a le lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e ‘meli. O tla bohlokoa ka Moqebelo ona.

Babelaelloa ba bosholu ba koloi ba fumanoa ba mametse Moafrika FM

Moahi oa Sekoting Ha-Leqele, Maseru, o re koloi ea hae e ileng ea utsuoa ka melomo ea lithunya ke masholu a tšeletseng mesong ea Labobeli lena, e fumanoe ka thuso ea mokhosi oa Moafrika FM, nakong e ka tlase ho hora tse peli, ’me o rolela qhooa ena khaebana.

’Maitumeleng Mokoma, o re o ile a phaphama bethe ea hae, e pota-potiloe ke banna bao ba bararo ba bona, ba neng ba ikoahetse lifahleho, ba mo batla chelete ee a ileng a re ha a na eona, ba qalella ho hlekemanya kamore ea hae, empa ba se ke ba e fumana.

O re ba ile ba ea kamoreng e ’ngoe, moo ba fumaneng motsoetse oa likhoeli peli, ba mo fasa maoto le hoja ba ne ba le morerong oa ho mo beta, empa ba se ke ba o phetha, ba nka senotlolo sa koloi, ba tsamaea ka eona, ea fumanoa borokhong ba Maseru, e ntse e tšeloa mafura.

O re koloi e fumanoeng ke mapolesa, e ne e letsitsoe Moafrika Fm, ho feta moo, banna bao ba ile ba shebisana lithunya le mapolesa, ’me ha thunngoa ba bararo ba bona, ke moo ba ileng tšoaroa teng.

Mokonteraka o utloa tsietsi ea ea tlokotsing

Mokonteraka ea ileng a utloa tsietsi ea moahi oa Qeme Ha-Ramorakane, Maseru, ea hore o lula ka lerakong le apesitsoeng seili, o re boemo ba ntlo eo ha se boo motho a ka phelang ho bona.

Monghali Tšepo Kolobe, o re ka mor’a ho utloa litaba tsena ho Moafrika, o ile a roala lieta ho ea inoesa ka nkho, a fumana ma-sisa-pelo ao a ileng a lokela ho etsa qeto le lelapa la hae ho thusa moahi eo.

O re o se a rekile marulelo a likamore tse peli, tsee hoba a li qete, a tlang ho sebetsana le ea ho qetela, a koale ntlo eo ka hohle, e khutlele boemong bo lokela ho lula batho.

Ea etselitsoeng ka molemo, monghali Tseko Phomane, o re hoja e se ka Moafrika Fm ee a ileng a balehela ho eona, tsena tsee a li bonang kajeno, li ka be li le sieo, ’me o leboha monghali Kolobe ka see a mo etselitseng sona.