Morena o re setopo se tlositosoe selomong ke sechaba ka taelo ea mapolesa

Ramotse oa Ha-Nkhahle, Berea, o re ba ntse ba lebeletse sepolesa sa tikoloho eo, ho ea selomong seo setopo sa mohlankana oa Pulane Ha-Moroke, se fumanoeng teng ka maqeba a mabe, a ho belaeloang a bakiloe ke ho pitika ha sona.

Morena Sekoala Nkhahle o re sena se latela eena le sechaba, a fuoe taelo ke mapolesa hore ho ntšoe setopo seo selomong, se atametsoe haufi le moo se tla finyeletsoa ’moshareng, ’me oona ha a ka a fihla moo setopong.

O re seo ithutileng sona sebakeng seo, ke mophula oa ho pitika ha mofu ka makhetlo a mararo, a ne a theoha kaholimo, mali a mangata a bile a entse seliba tlase ho selomo, katiba ea thola-moea le kobo e mennoeng kaholim’a selomo.

 

Morena Nkhahle o re setopong, o bone ho phumuha holim’a leihlo la letsoho le letona, mali a neng a ntse a phorosela ka matla le lijo tse tsoileng ka linko le ka lehano, le leqeba le hloohong.

Setopo sa selomong sa Thabana-Li-Peli se morea-rea

Mok’hanselara oa Ha-Nkhahle, Berea, o re taba ea hore o ile a bolella Lehakoe la Litaba hore setopo se fumanoeng Malaoaneng Thabana-Li-Peli seterekeng seo, se ne se qhalane boko, ke tlaleho ee a e filoeng, pele a fihla ho sona.

Monghali Mokhele Mphohla, o re ha a fihla moo, le eena, o ile a lekanya hore ho neng ho tsoa ka linkong le ka hanong ke boko, empa batho ba baholo, ba ba tsebisa hore hoo e ne e le lijo, ka ha setopo se ne se thulametse tlase.

Le ha ho le joalo, o re e ka ba taba e molemo hore ba habo mofu, sepolesa, marena le sechaba sa motse oo, ba ke ba e’o lekola selomo seo se boleloang, mohlomong ho ka ba le maikutlo a mang ntlheng eo.

Mohlankana ea nang le bokooa o nenoa ke bana ba bo, Mafeteng

Mohlankana oa Thaba-Tšoeu Lekhalong Ha-Paki Mafeteng, ea nang le bokooa ba pono, o re ho nenoa ke bana ba bo, ho mo lulisitse lejoe le motsu hobane ba lula ba mo hlaba ka mantsoe le ho mo utsoetsa thepa ea boitšokoli ee a e rekisang.

Monghali Tšeliso Masilo, o re ka baka la boemo bona, o ikutloa a lokela ho tloha haufi le bona, a iphelele a le mong, moo Mosamaria a ka mo fumanelang sebaka sa bolulo, hoba o tseba ho iphelisa, etsoe a rutile mosebetsi oa matsoho sekolong.

Molula-setulo oa mokhatlo oa buellang litokelo tsa batho ba tlokotsing, nkhono ’Mamokete Sebatane, o re litaba tsena, o tla li fetisetsa ho litho tsa oona, ho shebisana mekhoa e ka fihleloang ho thusa mohlankana eo.

Nyeoe ea borankulikae e tsoetsepele lekhotleng le phahameng

Nyeoe eo borankulikae ba tsekang ho tšelisa boea ba likhutšoane tsa bona, e tsoetsepele ka Laboraro lena Lekhotleng le Phahameng, ka pel’a Moroke Mokhesi AJ. Ke nyeoeng ena moo bo-ranku-likae ba kopang Lekhotla ho Hlakola molaoana o entsoeng ke paramente o ba thibelang ho rekisa boea ba bona mabopong.

Lekhotla ka mor’a ho mamela likhang tsa liakhente, le itse le tla fana ka kahlolo, hang hoba le qete ho bala likhang tsa liakhente. Se saletseng Akhente Letsika lebitsong la bo-ranku-likae, ke ho eketsa likhang tsa hae tsa nyeoe, pele ho la borobeli la khoeli e tlang.

Ho sa le joalo nyeoe ea litho tse hlano tsa Sesole sa Lesotho tse qosoang ka ho qhomissa libomo Moshoeshoe II, Maseru, e chechechiselitsoe ho la mashome a mabeli a metso e supileng, khoeling e tlang, ke Lekhotla le Phahameng, ka Laboraro lena.

Mofapa-hlooho o boleletse Lekhotla ka nyeoe e hlahletsoeng ke baqosuoa Lekhotleng la Molao oa Motheo, e qholotsang khetho ea baahloli ba ma-tsoa-ntle, ho tla mamela liqoso tsa bona. Tebello ke hore ka letsatsi leo, ho tla be ho hlakile ka se lokelang ho etsahala.

Moahloli Teboho Moiloa o laetse baqosuoa, Tlali Kamoli, Pitso Ramoepana, Litekanyo Nyakane, Mohlalefi Seitlheko le Heqoa Malefane, ho boela ba tla Lekhotleng ka letsatsi leo. A re litaba tse amanang le ho tšoaroa ha bona ka lefapheng la tlhabollo ea atšoaruoa, ba li bolelle liakhente tsa bona ka ha li tseba see li lokelang ho se etsa.

’Maesaea Thabane Trust Fund e tla tšoara mokete oa lijo tsa mantsiboea ka Labohlano

Ofisi ea Letlole la ’Maesaea Thabane, e tla tšoara mokete oa lijo tsa mantsiboea, ka sepheo sa ho nyolla mokotla bakeng sa bana ba hlokahaletsoeng ke batsoali ka baka la mafu a chaefi le mofetše, molemong oa hore ba tle ba kene sekolo.

Ea tšoereng molepo e le mookameli ofising eo, Ms. Keneuoe Machela, o re mokete ona o tla qala ka hora ea botšelela mantsiboea ka Labohlano la beke ena, ’me ka le hlahlamang, bacha ba tla ba Maseru Club, moo ho tla qoqoa le bona ka lintlha tse ’maloa, holim’a mafu a seng a boletsoe, ’me batho bohle b’a mengoa.

O re tekete ea ho kena holong ea Mojalefa Lephole, ke makholo a mehlano a Maloti, motho ka mong, athe tafole ke likete tse hlano tsa Maloti ka Labohlano, ’me ka Moqebelo teng, Maseru Club ho tla kenoa mahala, ’me ho tla ba le ’mino ka libini tse fapakaneng.

Labohlano lena ke la ho lata liphoofolo tsa borankulikae

Mohlomphehi Mohlophisi e Moholo o re ka Labohlano lena ke la ho lata liphoofolo tsee borankulikae ba bacha ba li rekileng ho la Afrika-Boroa bekeng e fetileng, ka sepeho sa ho tla iketsetsa mosebetsi o tlang ho ba phelisa.

O re boithutong ba bona ha ba ne ba ilo reka nku le konyana, ba fumane hore ha li rekisoe ka bonngoe, empa ka sehlopha, ka baka lena, ho setse liphoofolo tse leshome le metso e tšeletseng tse hlokang ho lefelloa pele ho Labohlano lena, ea nang le thahasello ka tsona a ka letsetsa: 22315002.

O re phoofolo ka ’ngoe e lokela ho rekeloa polomiti ka leshome le metso e mehlano la Maloti, ha e palamisoa koloi e e tlisang ka har’a naha, ke lekholo la Maloti.

Baahi ba lla ka ho lefa mokoloto o holimo oa metsi, Leribe

Baahi ba Maputsoe Hleoheng Ha-Maqele, Leribe, ba re ho se ho le lilemo joale ba lefella mekoloto e holimo ea metsi ao ba sa a sebeliseng ka baka la tlhokahalo ea oona sebakeng seo.

Monghali Khobatha Mashongoane, o re ba se ba phela ka ho tsoa letšolo ho ea metseng e meng ho qela metsi, e re ha ba khutla, ba fumane ba senyelitsoe ke litlokotsebe malapeng a bona.

Leha ho le joalo, phala ea WASCO Ms. Lineo Moqasa e boleletse Lehakoe la Litaba hore baahi bao haeba ba na le bothata ka mekoloto ee ba reng e holimo ho feta tšebeliso ea bona ea metsi, ba ikopanye le ofisi e haufi le bona, ba e tlalehele, e tle e bapise lipalo tsa limmithara tsa bona le mekitlane ee ballang ka eona.

Lelapa le belaetsoa ke lefu la mora oa lona, Berea

Monna oa Pulane Ha-Moroke, Berea, o re lelapa la bo le belaela hore mora oa lona o lihetsoe selomong sa Malaoaneng Thabana-Li-Peli hona seterekeng seo, eo setopo sa hae se phuthiloeng sebakeng sa ketsahalo ka Lapele la beke ena.

Ea buileng lebitsong la lona, monghali Lejaha Moima, o re le belaetsoa ke litlaleho tse sa tšoaneng malebana le mofu, hoba sethathong, le tsebile a ne a le tseleng e eang hae ho ea lata moriana oa khomo e kulang, a tloha motebong, ha a tla oela.

O re hamorao la fumana hore ho bile le ho khabola ha lithunya ka motebong ka Labotšelela le fetileng, balisana ’moho le eena, ba baleha, ’me ka baka la lefifi la bosiu, a tsubella selomong, a timela.

 

Sena se latela hore mok’hanselara oa Ha-Nkhahle, Berea, monghali Mokhele Mphohla a tlalehele Lehakoe la litaba hore ho fumanoe setopo sa mohlankana lilomong, se robehile masapo ohle a ’mele, boko bo qhalane

Molebeli o bolaoa ke batho ba sa tsejoeng, Maputsoe

Molebeli oa le leng la mabenkele a melata, Maputsoe Leribe, o ile a thunngoa ke batho ba sa tsejoeng bosiung ba Labohlano, ba neng ba hlasetse khoebong eo, ba ba ba utsoa likete tse tšeletseng tsa Maloti.

Mofuputsi oa litaba Maputsoe, monghali Sepeka Makoae, o re sena se latela hore banna bao, ba hlasele khoebo, beng ba eona ba baleha, litlokotsebe tsa sallana le balebeli, ho fihlela li atleha ho bolaea e mong. Le ha ho le joalo ha ho na motho ea seng a tšoeroe malebana le ketsahalo eo.

Nyeoe ea litho tse ’ne tsa sesole tse qosoang ka polao ea Ramahloko e chechisitsoe

Nyeoe ea litho tse ’ne tsa sesole tse qosoang ka polao ea Ramahloko e chechiselitsoe ho la mashome a mabeli a metso e tšeletseng Tlhakubele, monongoaha, ke Lekhotla le Phahameng.

Mofapa-hlooho o itse o malala-a-laotsoe, bothata ke khokahanyo lipakeng tsa mongolisi oa Lekhotla le liakhente. Ka lehlakoreng le leng, ho na le nyeoe e hlahletsoeng ke baqosuoa ba hloka tšepo ho Moahloli Chalse Hungwe, ea ntseng a le sieo ka har’a naha.

Har’a baqosuoa, ho teng Lt. Gen. Tlali Kamoli, Captain Litekanyo Nyakane le ba bang. Moahloli Teboho Moiloa o laetse mongolisi oa lekhotla ho fa liakhente tsa baikarabelli bolokolohi ba ho sheba lipampiri tsa nyeoe nako eohle ha li li hloka.

 

Sena se latela tletlebo e ileng ea hlahisoa ke liakhente tsa baikarabelli, hore ha ba fuoe monyetla oa ho bona lipampiri tsa nyeoe haese hore li koalletsoe ka ofising ea moahloli e moholo.