Boholo ba bakhethi ba Lesotho ha bo tsebe botebo ba mekha ea bona

Pusong ea sechaba ka sechaba, Labotšelela lena, e sibolllotse hore balateli ba mekha ea lipolotiki naheng ena ha ba tsebe kapa ha ba utloisise boitlamo ba bona mekheng eo, le hore na eona mekha eo e habile kae.

Sena se ile sa senoha ha Motsamaisi oa Lenaneo, His Lordship Mamonyela a ne a kopa hore litho tsa mekha li fane ka kano ee setho ka seng se e etsang ha se kena mokheng oo se leng ho oona.

Le hoja mekha ea Lesotho e baloa ka mashome a isang ho a mararo tjena, ho ile ha kena feela batho ba bane ba faneng ka Kano ea: Manonyana, Matoala, Manasi le Limmeke tsa moruo.

Ho feta moo, e bile ho se ho kena ba thoholetsang tsamaiso ea lenaneo, ka le reng e fela e le sekolo se seholo sa lipolotiki le puso e ntle Lesotho mona, ho sa natsoe hore na setulo se lutsoe ke mang.

Potso e ileng ea thatafalla ba bangata e bile e reng na ha mokha o re motho a ikanele ho o sebeletsa ka botšepehi, empa o lula o hohola batho ba sa tšepahallang mekha ea bona, ’me ho se na pelekatori ka har’a mekha eo, e lumela joang hore motho eo o tla fela a tšepahalle lipallo tsa oona, empa ba ntse ba bona hore ke pere e ntle, feela e ntseng e matha ka liqhana e kolupantse mopalami oa eona.

Ka mokhoa o tšoanang, ha mokha o re see motho a se etsang le ho se bua e be se ahang e seng se heletsang mokha, ke mang ea alositseng ba bang ho bona hore na ba fela ba ipapisitse le lipallo boikano boo, lipolelong le liketsong tsa bona, e se re pallo eo ea sebelisoa ho fetola ba bang baloi ka ha’a mokha.

Nonyana e kholo e batlile e teba litabeng tsa eona hoba e hlile ea lokolisa hore setho se lokela ho hlonepha Motheo, Sepheo, Morero, Tsamaiso, Tšebetso le Taolo ea Lekhotla, joale potso ea e-ba hore na litho li ke li fuoe lithupelo tse lekaneng hore li utloisise boikatlamo boo, le hore na ho na le litokomane tse manollang boitlamo boo. E mong o itse ke mosebetsi oa makalana, e mong a re ke oa likomiti tsa litereke.

Tokomane ea Manasi e ile ea baloa ke Rangoane Kaine, a mpa a e chopholela ka le reng e telele haholo e tla mo qetela moea. Empa lintlha tsa bohlokoa ho eona e bile boikano ba hore setho se lumela ka tieo ho Molimo o matla ohle, tsamaisongea naha le sechaba sa eona.

Boikano bo bile bo re setho se tla tšehetsa puso ea sechaba ka sechaba e hlomiloeng holim’a metheo ea Bo-Kreste, ’me Molimo o thuse setho seo hore tšebeletsng ea sechaba sa habo sona ho be teng kopano le khotso le toka

Le ha boitlamo ba ona bo le botle ha kalo, lenaneo le ile la lemoha hore nakong ea puso ea Letsema, ha a etsa letho ho lonanela hore naha e busoe SeJesu, ka ho tsekella hore BoKreste ke fetohe tšiea ea puso ea naha ena. Boitlamo bo bile bo re setho se secha e se be setho sa mekha kapa boikopanyo ba lipolotiki kantle ho Bonasi. E leng taba e sa hlaheng mekheng e meng

Kano ea MEC eona e bile e khutšoanyane ba mola o le mong, eona e bua ka ho ikokobeletsa lipallo tsohle tsa mokha, feela li sa manolloa, ’me ea faneng ka tsona a hloloa ho tatamala ha a se a botsoa lipotso tse reng na lipallo tseo ke life, na ha li kenyelletse botloli ba molao.

Qetellong ea lenaneo, bohle ba ile ba le thoholetsa ka le reng le bile molemo haholo boithutong ba bona ba lipolotiki le ba litaba tsa puso, ’me ho ea ka boitlhaloso ba bona, bongata e ne e le litho tsa ABC-Kobotata ea Basotho le tsa Nonyana e Kholohali. RK.

 

Lefu le leng hape la lipolotiki

Moahi oa Matelile Ha Seeiso, Mr Nkaota, o bolailoe ke moahisani oa hae, ka Lapele la beke ena (Mantaha) ba tseka mebala ea mekha e meholo ea lipolotiki, lebatooeng leo.

Mebala eo, ke bosehla ba Toala le Bokhubelu ba Potoana, ha ho e-s’o fumanehe lintlha tse feletseng malebana le hore na ka ho otloloha ho ne ho tsekoa eng. Babelaelloa ba se ba le sepoleseng sa Mafeteng; tebello ke hore ba tla hlaha ka pel’a’maseteraka haufinyane.

Ka Labosupa (Sontaha) se fetileng, ho ile ha thunngoa ‘me ha bolaoa setho sa Mapele, sebokeng sa khetho ea bakhothaletsuoa lebatooeng la Koro Koro. Lintlha malebana le ho ts’oaroa ha ‘molai ha li e-s’o hlahelle kaofela. RK.

Puo ea Sesotho e re bakhethoa ba bang ke bo-Nkele morohong

Basotho ba re ba lemoha hore bakhethoa ba liparamente tsa naha ena ke bo-nkele morohong, e leng motho ee e reng ha a a ile a rongoa lebitsong la e mong kapa ba bang, e be o fetela pele moo a neng a sa rongoa teng, le hona a isa litaba tse hole le tsa moromi oa hae.

Ba bua lenaneong la Puo ea Sesotho ka Labone la beke ena hoseng, Basotho ba itse lentsoe nkele ke kopo ea hore motho e mong a ee sebakeng se seng, molemong oa ea mo kopang joalo, ho ea etsa kapa ho bua se neng se tla etsoa kapa ho buuoa ke moromi oa hae, e leng see bakhethoa ba leng sona, ke barumuoa ba bakhethi ba bona.

Hape, ba itse nkele ke lereho le fuoang motho ea lahleheloang ke thomo, a qetelle a se a iketsetsa tsa hae, e ba o lebetse thomo ea hae, kapa e le ka morero o hlakileng oa bolotsana. Ka lebaka leo, lenaneo le lemositse bakhethi ba likhetho tse tlang ho ela hloko khetho ea bona, ba hlokomele bo-nkele morohong ba qetellang ka ho lebala kapa ho koenehela thomo.

Ho ile ha boela ha hlakela bohle hore nkele morohong e fapane hole le thometsana, hobane, khahlanong le nkele morohong, thometsana ke motho ea tsamaisang melaetsa ea lerato ka botšepehi, ho sa natsoe hore na ke nakong ea lefereho kapa ea selaetso.

MOAFRIKA e kopa ke hona hore e fuoe mosebetsi oo oa ho tsamaiso molaetsa oa lefereho kapa selaetso lipakeng tsa baiketi le bakhethi, etsoe e se e lokisetse selaetso, TSL Hlotse, Leribe, ha khoeli e tlang e tla be e hlola letsatsi la pele, mohla lefatše le ketekang letsatsi la bosebetsi, Lipohong tsa Bochabela. RK.

Bana ba senya sekolo. Mali mohaolaneng

Sekolo se phahameng sa Makhalaneng Ha Raboletsi se emisitse lithuto letsatsi la pele kamor’a hore bashanyana ba sona ba pshatle lifensetere tsohle tsa sona ka majoe, ba be ba cheselletse thepa ea sona ka setorong, ba tseka hore ba lumelloe ho bua Sesotho ka har’a jarete ea sekolo.

Molulasetulo oa boto ea sekolo, Ntate Molula Seleteng o re Mookameli oa sekolo o se a theohetse Maseru, ho tla tlalehela Lekala la Thuto boemo boo, bo baketseng sekolo litšenyehelo tse holimo.

Paul Lillane o re litlaleho li re bashanyana ba mashome a mabeli a metso e mehlano ba robetse mapoleseng a Ha Ramabanta, ’me tebello ke hore ba tla behoa ka pel’a makhotla a boahloli ho ea arabella liketso tseo tsa bona. Mapolesa a ile a ba tšoara ka thuso ea baahi, MOAFRIKA le eona ea thusetsa ka mokhosi o ileng oa hlajoa ke eena Lillane.

 

Mohaolana

Mosali oa roma Ha Mafefooane o re mohaolana oa hae o tsohile o fafalitsoe ka mali, ke motho kapa ntho ee a sa e tsebeng, ’me ke lekhetlo la pele a etsahalloa ke ntho e joalo, ’me o belaela hore ke mesebetsi ea boloi.

Mrs Joalane Tšoafo o re taba ena e bile e mo hopotsa hore o se a kile a phethoha ka koloi ka mohlolo le monna oa hae, ka lebaka leo, o re o se a ntse a bile a itokisetsa ho tla Ntlong ea Tsepo ho tla kopa thuso.

Mohlolohali o fumanoa a leketlile ka molala ka tlung

Mohlolohali o fumanoe a leketlile ka molala ka ntlong ea hae, a se a bile a shoele, Mathokoane Ha Mositi, bosiung bo neng bo sela Labotšelela la mafelo a be e fetileng.

Morena Solomon Ntsekele, o re taba eo, e makalitse bohle, ka ha mamati a tsoelang kantle a ne a koetsoe, e mong oa bana ba banyenyane a le ka phaphosing ea boroko, a robetse hoo a sa kang a bona letho le khannetseng ’mae lefung leo la sehloho.

Morena o re tlhaloso e re ngoana e moholoanyane oa mofu e re o ne a robetse ha ntata’e moholo ka sepheo sa hore ba tle ba tsohelle masimong, ho khutleng ha hae, a fumana ho ntse ho koetsoe menyako; a hoelehetsa moena oa hae, ka katlung, ea neng a ntse a robetse, ke eena ea ileng a qala ho bona hore ’mabona o leketlile ka molala marulelong.

’M’e ’Makhathatso Seshoeshoe o re ke moo ho ileng ha hlajoa mokhosi sechaba sa phalla, sa fumana ho e-na lesetulo se kang hoja mofu o ne a ile a se sebelisa tseleng e isang lefung leo la hae. Setopo se ile sa phuthoa ke mapolesa a Hlotse. Ha ho e-s’o tsebahale sesosa sa lefu leo.

Mosali oa Lithoteng Ha Seoli o lla ka mohoebi oa Mahlabatheng moo a reng o ile a lebala setlolo ha a qeta ho reka, ha a khutlela teng ho ea se lata, mong’a khoebo a hana ka sona, a ba a mo fetseola ka mahlapaa tala, balebeli ba khoebo, ba thusana le mong’a bona ho mo sutumeletsa kantle ho eona.

’Mampatana Sekonyela o re, o ne a ile a phuthelloa ke morekisi ka polasetiki, a tsamaea a hae, moo a fihlileng a bona hore thepa haea fella, ha a tla menahana le mehlala. O boetse o re ha a na setlankana sa bopaki ba hore o fela a rekile moo se neng se bile se tla paka hore na o rekile eng ea bokae.

Boemong bona, litsebi tsa theko le thekisetsano, li re litaba tsa mosali ha li na mooko, ha e le moo a sena setlankana sa bopaki ba hore o fela a rekile khoebong eo, hape, ba re molao oa theko le thekisetsano hao lumemelle moreki ho hlahlobela see a se rekileng kantle ho khoebo, e leng hore hoja mosali eo a hlahlobela thepa ea hae haufi le morekisi, khang ea hae e ka be e utloahala molaong.

Raboletsi

Sekolo se phahameng sa Makhalaneng Ha Raboletsi se emisitse lithuto letsatsi la pele kamor’a hore bashanyana ba sona ba pshatle lifensetere tsohle tsa sona ka majoe, ba be ba cheselletse thepa ea sona ka setorong, ba tseka hore ba lumelloe ho bua Sesotho ka har’a jarete ea sekolo.

Molulasetulo oa boto ea sekolo, Ntate Molula Seleteng o re Mookameli oa sekolo o se a theohetse Maseru, ho tla tlalehela Lekala la Thuto boemo boo, bo baketseng sekolo litšenyehelo tse holimo.

Paul Lillane o re litlaleho li re bashanyana ba mashome a mabeli a metso e mehlano ba robetse mapoleseng a Ha Ramabanta, ’me tebello ke hore ba tla behoa ka pel’a makhotla a boahloli ho ea arabella liketso tseo tsa bona. Mapolesa a ile a ba tšoara ka thuso ea baahi, MOAFRIKA le eona ea thusetsa ka mokhosi o ileng oa hlajoa ke eena Lillane.

Mohaolana

Mosali oa roma Ha Mafefooane o re mohaolana oa hae o tsohile o fafalitsoe ka mali, ke motho kapa ntho ee a sa e tsebeng, ’me ke lekhetlo la pele a etsahalloa ke ntho e joalo, ’me o belaela hore ke mesebetsi ea boloi.

Mrs Joalane Tšoafo o re taba ena e bile e mo hopotsa hore o se a kile a phethoha ka koloi ka mohlolo le monna oa hae, ka lebaka leo, o re o se a ntse a bile a itokisetsa ho tla Ntlong ea Tsepo ho tla kopa thuso.

MOAFRIKA e simollotse Count-Down to Snap Elections 2017

Probono ea Labobeli lena e simollotse ho balla Basotho matsatsi a salatseng pele ho kenoa likhethong tse akaretsang tsa tsome, tse tlang ho ba ha Phupjane e tla be e hlola matsatsi a mararo e le Labotselela bekeng.

Bamameli ka ho fapakana ha mekha ea bpona, ba ile ba hlalosa hore na ba ntse ba itlhopha joang hore ba tle ba tsebe ho kenela likhetho tseo ka tsela e tlang ho ba ruisa molemo.

Ba bang ba itse bona ba ne ba khetha bakhothaletsuoa, bang ba re ba shebane le tlhoekiso ea manane, ha bang e le ba itseng bona ba ema le MOAFRIKA hore e fuoe chelete e ngata molemong oa ho thusetsa tšebetsong ea likhetho le ho matlafatsa boiketo ba likhetho ka Mokete oa Lipoho tsa Bochabela.

Ba mokha oa ABC ba itse ha ba e-s’o qete ’me ho na le mabatooa a tšoarelletsoeng ke pherekano e bakiloeng ke kopo ea moetellipele oa eona e reng bao e neng e le litho tsa paramente e fetileng ba shejoe ka leihlo la mohau, ba khutlisetsoe.

Batho ba tumisitsoeng ke ho bua mananeong a MOAFRIKA, ka ho fapakana ha ’ona, ba utloahetse ba ikabile ka mekha e fapakaneng e iketelang likhetho tsena. Boemong boo, Mohlophisi e Moholo o ba eletsa hore ba lemohe e se be bapolotiki ba cheha phiri ka bona, e mpe e be ba hlile ba mekheng eo, hobane ba kholisehile hore ba rata ho ba ho eona ka mabaka a tsejoang ke bona.

Nonyana e kholo e hlalositsoe e le hona e tla ea phahamisa bakhothaletsuoa ka Labotšelela la mafelo a beke ena. RK.

Thomas Thabane o qosoa ka sedition

Moetellipele oa Kobotata ea Basotho, Motsoahae Thomas Thabane o hlahile ka pel’a ’Maseterata Motanyane oa Maseru ha khutšoanyane, a qosoa ka tlhohlelletso le tlolo ea Penal Code ea 2010.

Lengolo la qoso le re o ile a hlohlelletsa meferefere khahlanong le Motlotlehi Letsie la Boraro ka hore a tsebe hore a ka ‘na a tlosoa botlotlehing, le hoja  a sa re a tlosoe. Hape, qoso e re o buile hampe ka Motlotlehi ha a botsa hore na Motlotlehi o mo batla lehe e se khoho, na le tla tsoa le kae, batho ba ke ba mo makalise.

Lekhotla ha lea ka la mo botsa hore na o molato kapa che. O filoe beile e sa lefelloeng, ’me o laetsoe ho ikalosa ha a ntse a emetse nyeoe. RK.