Mobusi o eletsoa ho balehela bohale ba Molimo esere a ts’oana le Faro

Mokhethoa oa Malingoana ka Lapele la beke ena, o ile a eletsa babusi, hore ba lemohe, esere ba qetella joalo ka mobusi oa Ekhepeta, Faro ea sa kang a tseba Josefa, ea neng a thatafalelitse bana ba Iseraele bophelo mafapheng ohle.

O ile a fana ka litemana tse peli tse tsoang khaolong ea bone ea Exoda, tse balehang joana: u tle u re ho Faro, hobane ho thoe ke Jehova: Iseraele ke mor’a oa ka oa letsibolo, ke re ho uena, lokolla mor’a ka a ee ho ntšebeletsa, empa ha u hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaea mor’a oa hau oa letsibolo.

Bohanyetsi bo thibetse setšoants’o sa molao oa likhokahanyo ka paramenteng

Bohanyetsi ba Lesotho bo ile ba ema khahlanong le ’muso, ka Lapele la beke ena lintlheng tse tharo, ea molao oa likhokahanyo, ea ntlafatso ea meputso ea maparamente le ea kopano ea litho tsa matlo a mabeli a paramente ea Lesotho.

Ntlheng ea pele maparamente a ile a hanana le hore Lekhotla la Likhokahanyo le etsetsoe molao o le lumellang ho fana ka lithentara ho likoporasi tse kholo tsa likhokahanyo e leng ETL le VCL feela, ho tingoe baiketi ba maemo a ka tlase ho likoporasi tseo.

Ntlha ea bobeli e bile malebana le ntlafatso ea meputso ea maparamente e neng e khothaletsoa ke ’muso ka komiti ea paramente e ikarabelang, le hona moo, maparamente a ile a re ha ho nonyana e ka llang joalo, eseng sechaba se lla ka lichelete tsa sona tsa boea, meputso ea matichere, litšebeletso, joalo joalo.

Ha li ea maselalibata, boetellipele ba bohanyetsi ba ema ka le reng litho tsa matlo a mabeli a paramente li kopane, thupelong ea Tlhophobocha, ka Labobeli la beke ena, ho latela bohlokoa boo ba bo boneng ho ea ka Lapele lena, e neng e kenetsoe ke litho tsa Lekhotla la Sechaba feela.

Tšebeletso ea ho heletsa marako a Jeriko e fetoha karabo ho kereke ea Moshoeshoe

Phala ea kereke ea Moshoeshoe, e re ka mor’a hore Moshe le Moprofeta oa Basotho ba joale a senoleloe ka ho oa ha marako a Jeriko a le thabeng ea Molimo Tsereoane khoeling e fetileng, a kereke ea habo a fela a oele. 

Moruti Thabo Nthako o re o ipapisitse le hore ka mor’a ho pota-potoa ka makhetlo a supileng holo ea nkhono ’Maoetsi, boriki bo neng bo sitisa kereke ea habo ho fumana tokomane ea setša, bo rarollehile. 

O re tšebeletso eo ea ho heletsa marako e ile ea ’mulela mamati a hore a kopane le letona la Puso ea Libaka le Borena ho tšohla mathata a tobileng kereke ea habo ho fumana see e se lokelang.

Babolai ba mok’hanselara ba balloa liqoso, le ea bosholu ba lifono, Mohalesuku

Lekhotla la ’Maseterata oa Mohalesuku, le baletse banna ba babeli le mosali a le mong, liqoso tse peli e leng ea ho bolaea Mariam Senooe oa Qalakheng 2, ha khoeli ea Mphalane e ne e hlola matsatsi a robeli, le ho nka ka likhoka fono ea hae le ea setloholo sa hae.

Lehlohonolo Ranoha ea lilemo li 29 oa Seforong Quthing, Sebongile Letšaba oa tse 22 oa Metsi-Masooana le Poulo Kulumane oa tse 37 oa Mopooane, ba tla boela ba hlahella lekhotleng leo ha khoeli ena e tla be e hlola matsatsi a mashome a mabeli a metso e mehlano. 

Le ha ho le joalo, sechaba sa Qalakheng 2, Ha-Thabiso Pebane, Mohalesuku, se re se leboha Molimo o thusitseng sepolesa sa setereke seo, ho qhautsa baqosuoa ba boletsoeng.

Mok’hanselara ea seng a bolokiloe, o ne a fumanoe a le ka har’a letamohali la mali, a fasitsoe maoto le matsoho a se a timetse, ha khoeli ea Mphalane e ne hlola matsatsi a robeli, monongoaha. Maseterata ke Kolobe ha Mochochisi e le Mathe.

Moapostola o re ho fefoha ha moaho ha ho moo ho mo amang, Sehlabeng

Moapostola oa kereke ea MaAfrika a Lokolotsoeng, o re taba ea hore o ameha ho fefoheng ha marulelo a moaho oo a neng a o hirile ho sebeletsa teng, Sehlabeng Ha-Motolo Berea, ha se ’nete, ho entse tlholeho, ka Sontaha se fetileng.

Moapostola Khoase Michael Molelle, o re o bua sena hobane a ipapisitse le lipolelo tse ntseng li ipetsa, li re noha ea hae e fefotse marulelo a moaho o boletsoeng.

O re ho teng, mong’a moaho o ile a mo ntša ho oona ka lehlapha-hlapha, a se a mo joetsa hore ho na le molata o tlilo o sebelisoa, eaba eena le phutheho ea habo, ba joetsa Molimo le mangeloi a hae hore ba se ba tlohile sebakeng seo.

O re o tloha moahong oo o neng o se o lutse lilemo tse robong o sa sebelisoe, eena a fihla a o ntlafatsa ka ho o kenya lifensetere tse neng li pshatliloe le ho lokisa linthoana tse ling, empa ka mora selemo le likhoeli tse supileng, o ntšitsoe hampe joalo.

Leha ho le joalo, mong’a moaho o boleloang ha a ka a fumaneha ho fana ka maikutlo holim’a tsietsi eo e hlahileng, empa o ntse a buletsoe mamati ke Lehakoe la litaba ho le hlahisa.

Afrika Boroa e tšoere monna ea belaelloang polaong ea batho ba 4 Soweto

Monna oa Lesotho o tšoeroe ke mapolesa a Gauteng, Afrika Boroa ka pelaello ea ho bolaea batho ba bane, Soweto, ka La-pele la beke ena, a le kahar’a koloi ea baeti haufi le mokoallo oa Grasmere, a e-na le sethunya se hlahletseng likulo.

Sebui sa mapolesa a Gauteng se re pelaelo ke hore monna eo, le e mong ea ntseng a e-s’o tšoaroe, ke babolai ba hireloang ho etsa joang.

Se itse ha ba e-s’o be boemong ba ho pharalla ka litaba tseo, ntle le hore e bile mosebetsi o bonolo ka ha ba ne ba sebetsa ba ipapisitse le monyenyetsi o tšepahalang.

Bamameli ba Probono ea MOAFRIKA ka Labobeli lena, ba itse ho hlile ho na le Basotho ba ipopileng bokoeta ka Afrika Boroa, bao ba bang ba bona ba phelang ka ho hiroa ke batho ba bang, hore ba ba bolaele ba bang ka sehloho.

Matekane o re bahoebi ba se nyahamisoe ke liphoso tse fetileng tsa LCCI

Monghali Sam Matekane o re bahoebi ba Basotho ba se nyahamisoe ke liphoso tse fetileng tsa Mokhatlo oa Lesotho oa Khoebo le Mesebetsi e Meholo (LCCI), ba khutlele ho oona, ba lefe liabo, ba tsebe ho kopanela khoebo le khoebisano e tlang ho ruisa moruo oa naha ena.

A bua ho Rents’alephola ka Labobeli lena, mong’a MGC o itse likhoebo tsa hae ke litho tsa LCCI joalo ka likhoebo tse ling, o mpa a filoe boemo ba ho etellapele khoebo ea Lesotho lipakeng tsa Lesotho le Canada.

O bile a re khoeli ena e tla fela a se a tsoa Canada lipuisanong tse tlang ho qetella ka ho tekenela litumellano tsa khoebo le khoebisano lipakeng tsa Lesotho le Canada mafapheng a fapakaneng.

NACTWU e thulanya thebe le feme ea Letsema Ha Nyenye

National-Clothing-Textile-and-Allied-Workers-Union-NACTWU-Secretary-General-Sam-Mokhele-1
NACTWU Secretary General, Sam Mokhele. Picture courtesy of Lesotho Times

Ka letsatsi la pele la beke ena mokhatlo oa basebetsi oa NACTWU o ile oa thulanya thebe le feme ea Letsema e Ha-Nyenye Leribe, lekhotleng la DDPR, Maputsoe.

Motlatsi oa mongoli e moholo oa mokhatlo oo, Tšepang Makakole, o re sena mokhatlo o se entse ka mor’a ho ba le pobolihali ea basebetsi ba feme eo ba llang ka hore ha ba beha meja fatše ha baa lefshoe litsiane tsa nako e telele ka le reng ba tla li fumana ka mor’a selemo.

Ho feta moo sello se seng sa bona ke hore ba qobelloa ho nka matsatsi a phomolo nakong ea Mariha eleng se etsang hore ka nako ena ea mafelo a selemo ebe ba phomola nako e khutšoanyane.

Feme ha e arabela e itse basebetsi ba itse ba khotsofetse haese litho tsa NACTWU feela, empa lekhotla la laela hore mahlakore a boele morao ho ea lumellana, a khutlele ho lona mathoasong a Tšitoe.

Liphoofolo li bolaoa ke lefu le sa tsejoeng, Mokhotlong

agriculture-animals-baby-288621

Mok’hanselara oa toropo ea Mokhotlong monghali Kabelo Kabelo, o re boranku-likae ba setereke seo ba tobane le bothata ba liphoofolo tse bolaoang ke bokulo boo ba sa bo tsebeng ho tloha khoeling e fetileng.

O re linku li ruruha ka kolung, hloohong li lahla makonyana a qetellang a e-shoa. O re ha ba tsebe hore ba lokela ho tšabela kae kaha e se e le lilemo tse ngata setereke sa habo se hloka ngaka ea liphoofolo ho se le tlhaloso ea letho.

Komello e raha lihoai maling a mpa

Dry winter spells bad news for Lesotho's farmers
Winter crops like wheat are vital for livelihoods, especially in mountainous areas © Guy Oliver/IRIN

Tlhokahalo ea pula, e bakile komello, e rahileng lihoai maling a mpa hoo li hlotsoeng ho lema ka baka la hona, ha ka lehlakoreng le leng, liphoofolo li bolaoa ke lebatama, tlala le lenyora.

Monghali Moremoholo Makhabane o re ha feela boemo bona bo ntse bo tsoelapele, Basotho ba tlo bolaoa ke sekoboto le ho shoa ha mehlape ea bona, ’me ba tlo sala e le mafutsana-futse, kaha bophelo ba bona bo itšetlehile temong ea lijalo le liphoofolo.

Sefate sa ’Mopo ka moo Mokuena eo a tummeng ka teng, o re taba e seng e bonahala nakong ena ea komello, ke likokonyana tse ntšo tse bonahalang hohle le ka har’a matlo.

Ho sa joalo, komello e ntse e ipha matla, ha habo Liphamola kaha mohloli ea metsi e pshele, ’me ho bonahala tsietsi ena e se e le kobo anela naheng ena